SEPHEO LE BOLENG BA MELAO YA TLHAHLAMANO
Melao ya tlhahlamano e etseditswe ho qoba tshenyo eo lefu le e bakang bonngweng ba lelapa. Ka hoo molao o leka ho sirelletsa ditlhoko tsa ba neng ba ena le kamano haholo le mofu. Ho ya ka moo ho bileng le diphetoho tse matla bophelong ba setjhaba le moruong wa Afrika Borwa, sepheopheo sa pampiri ena ya dipuisano ke ho hlomathisa molao wa setso wa tlhahlamano hore o kgone ho kenyelletsa le dibopeho tsa lelapa tsa sejwale.
MOLAO WA SETSO LE TOKODISO YA DITOKELO
Le ha Molaotheo o laela hore bojalefa ba molao ba seafrika bo hlomptjhwe, o boela o supa hore tokelo ya moetlo e tswalang molao wa setso e laolwa ke tokelo ya ho tshwarwa ka ho tshwana. Ho feta moo, ka ha tokelo ya ho tshwarwa ka ho tshwana e sebetsa dikamanong tsa poraefete tsa batho, melao efe kapa efe ya setso ya tlhahlamano e kgethollang ka mokgwa o sa amoheleheng ho ya ka botona kapa botshehadi, dilemo kapa tlhaho e lokela ho fetolwa.
MELAO YA TLHAHLAMANO E SEBETSANG KA BOBEDI
Botemepedi ba molao le motheo wa ho tshwara batho ka ho tshwana.
Ha jwale Afrika Borwa e ananela bonyane mekgwa e mmedi ya tlhahlamano:
Molao o akaretsang (le melawana e hlomathisitsweng) le melao e fapafapaneng empa e amana haholo ya setso. Melao e mengata ya setso e sebediswang ke makgotla a dinyewe ha jwale ha e hanane le motheo wa ho tshwara batho ka ho tshwana feela, ebile ha e tsamaelane le bophelo ba setjhaba. Ho ena le ho leka ho ntlafatsa molao wa setso, ho ka be ho sebediswa Molao o akaretsang. Le ha tharollo ena e ne e ena le molemo wa ho fana ka molao o le mong naheng ka bophara, e se ke ya kgethwa ntle le ho lekodisisa dintlha hantle, hobane dihlopha tse fapaneng tsa botjhaba di ka nna tsa ba leqe ho arohana le lefa la tsona la molao. Ho boloka leano la botemepedi ke ho ananela nnete ya hore Afrika Borwa e bopilwe ka melao le botjhaba bo fapafapaneng, nnete eo Molaotheo o laelang hore e hlomptjhwe.
Melawana ya ho ikgethela molao
Ha feela ho ntse ho bolokilwe melao e fapaneng ya tlhahlamano, ho tla hlokahala melao e hlakisang hore molao wa setso o sebediswe neng, o akaretsang o sebediswe neng ho sebetsa nyewe e itseng. Mosebetsing wa yona wa
, Khomishene ya Molao e kgothalleditse hore ho ntlafatswe melawana ya kgetho ya molao e ntseng e sebediswa hona jwale. Khomishene e re melawana ena e rarahane ntle ho lebaka mme e theilwe hodima maemo a seng a sa sebetse. A
mang a maemo ana - mofuta wa lenyalo la mofu - a ka bolokwa e le tataiso feela molaong o ka sebediswang hobane a bonolo mme a sebediseha ha bobebe, empa mofuta wa lenyalo ha se sesupo se phethahetseng sa botjhaba boo motho a sekametseng ho bona; mme ha a na thuso ha motho a sa nyala/nyalwa. Kgonahalo ya ho fetoha e a hlokahala e le ho etsa bonnete ba hore molao ofe kapa ofe o sebediswang o tla bontsha tshekamelo ya botjhaba ya mofu.
Kgetho ya molao ho ya ka Melao ya KwaZulu le Natala e itshetlehile hodima mofuta wa lenyalo kapa taba ya hore mofu ha a a siya mojalefa e motona. Melao ena le yona e lokela ho hlomathiswa.
TLHAHLAMANO YA BOJALEFA
Ntjhafatso ya mokgwa wa tlhahlamano
Molao wa tlhahlamano wa setso, haholoholo karolong ya ona ya ka molao, o kgetholla basadi le banna ba banyenyane. Ke nnete hore mojalefa o tlameha ho hlokomela baotlwa ba mofu ka leruo la mofu; mme ka baka la tlameho ena, ho ile ha nna ha nkwa hore molao wa setso o dumellana ka molao le Tokodiso ya Ditokelo. Le ha ho le jwalo molao ona ha o sa le matla hakaalo ho fihlela sepheo sa ona setjhabeng, e leng ho fana ka motheo o bonahalang wa tshehetso ho mosadi eo mofu a mo siileng le bana ba haufi le yena. Ka hoo, nako e fihlile ya ho hlomathisa melao ya setso e kgethollang ho ya ka botona kapa botshehadi, boholo ba dilemo kapa tlhaho le ho fa lelapa le atamelaneng le mofu ditokelo tse sireletsehileng ho feta.
Ho hlomathiswa ha Molao wa Tlhahlamano ya bojalefa.
Maikemisetso ana a ka phethahatswa ka ho sebedisa Molao wa tlhahlamano ya bojalefa (Molao wa 81 wa 1987) mafeng ohle, le ha mofu a ne a nyetse ka setso. Ha temana ya 1 b ya Molao ona e hlakolwa ditemana tse latelang di tla sebetsa ho hlakisa tatelano tlhahlamanong dinyeweng tsa bojalefa bo phethahetseng kapa bo ka mmoho: s1 e sireletsang bojalefa ba balekane ba lenyalo ba setseng le bana; ebang ba le siyo, batswadi le bana babo mofu ekasitana le seng se hojana; s1 e hlalosang hore ho hlahela ka ntle ho lenyalo ha ho ame bokgoni ba hore ya amanang ka madi a ka ja lefa la ya amanang le yena ka madi; hammoho le s1 (e)(i) e hlalosang hore ngwana ya inketsweng ka molao o nkuwa e le mohlahlami lapeng la batswadi ba inketseng yena.
Tse sa kenyelletswang Molaong ona: baetapele ba setso
Ho ya ka Molao wa setso borena ba baetapele ba setso bo jowa lefa ho ya ka melao ya tlhahlamano ho ba batona. Melao ena e atisa ho lwantshwa ka hore e hanana le demokrasi ho ya ka Molaotheo eo ho ya ka yona ditulo tsohle tsa mmuso di lokelang ho bulelwa bohle ba ka kgethwang ka bolokolohi, ntle le kgethollo e thehilweng hodima bonna kapa bosadi. Le ha ho le jwalo ha ho a lokela ho sebetsanwa le taba ena ha ho etswa molao o reretsweng ho lokisa boemo ba moruo ba bahlolohadi le bana. Ka hoo, ha eba tshebediso ya Molao wa tlhahlamano ya bojalefa e lokela ho atoloswa, ho tla lokela hore ho hlokomelwe ka ho otloloha ho teelwa ka thoko dipehelong tsa Molao ona wa tatelano boreneng ha baetapele ba setso.
Se bolelwang ke Molao ona
Ho hlakolwa ha molao wa setso
Hang ha Moalo wa Tlahlahlamano o etswa hore o sebediswe hohle tlameho ya mojalefa wa setso ya ho tswela pele ho hlokomela baotlwa ba mofu e lokela ho hlakolwa. Melawana e mengata a hlahang Melaong ya Natala le KwaZulu le yona e lokela ho hlomathiswa ho nnetefatsa hore Molao ona o sebediswa ka ho tshwana hohle Afrika Borwa.
Dikoloto tsa mofu
Ho ya ka moalo wa setso bojalefa bo jara dikoloto tsohle tsa mofu, le ha eba lefa le le lenyenyane ho feta dikoloto. Hang ha ditlhoko tsa lelapa le setseng la mofu di sireleditswe ka tokelo ya bojalefa, tekatekano e ne e tla bolela hore boikarabelo ba setso ba mojalefa, ka ho qolleha boikarabelo ba dikoloto tsa mofu, bo a fela. Ka ha ho sebediswa ha Molao wa tlahlamano ka ho akaretsa ho ke ke ha phethahatsa sena, ho lokela ho etswa boemo bo ikgethang hore bojalefa ho ya ka Molao ona bo se ke ba jariswa le boikarabelo ba mofu ho ya ka molao wa setso.
Tlhahlamano basading
Ka ha ho ya ka setso basadi ha ba atise ho ba le matla a thepa kapa a boemo ba taolo, tlhahlamano basading ho ya ka molao wa setso e ne e sa atise ho ba ya bohlokwahadi. Ka hoo, melao e laolang ho ajwa ha maruo a basadi e ne e sa hlophiseha, e bile e fapane le e sebediswang maruong a banna. Hang ha Molao wa tlhahlamano maruong a mofu o sebediswa ho bohle melao yohle e tobang banna kapa basadi feela ho a utlwahala hore e tla be e fedisitswe hobane Molao ona o sebetsa ntle le ho kgetha hore mofu ke monna kapa mosadi.
Dihlomathiso molaong ona
Tlhaloso e batsi ya ?molekane wa lenyalo ya setseng?
Jwalo ka ha Molao wa tlhahlamano maruong a mofu o sebediswa, balekane ba lenyalo ba setseng ba ka ja lefa feela ha ba ka kgodisa hore ba ne ba nyetswe hantle. Ho sebediswa ha ntlha ena ho ka baka hore ba bangata ba nang le tokelo ba qhelelwe ka thoko, haholo bao ho nyalanweng ka molao wa setso, mme sena se etsa hore boemo ba manyalo bo be le meelelo e mengata. Molao wa Kananelo ya manyalo a setso (Molao wa 120 wa 1998) o tla fana ka thuso e itseng ho balekane ba lenyalo ba thatafallwang ke ho tiisa hore ba nyetse/nyetswe hobane ka hlakoreng le leng o etsa hore manyalo a sa ngodiswang a nkuwe a phethahetse, ka ho le leng o ananela manyalo ohle a leng teng. Le ha ho le jwalo ho na le kgonahalo e kgolo ya hore balekane ba bangata ba nang le ditokelo ba ka iphumana ba sa amohelehe e le ?balekane ba lenyalo.? Lentswe, ?molekane wa lenyalo ya setseng? le lokela ke hona ho hlaloswa e le hore le kenyelletse le balekane ba kopano eo e seng ya molao. Mosebetsi o tebileng ho feta mabapi le taba ena ha o hlokahale ho ntshetswa pele mona, hobane Khomishene ya molao e se e ntse e ena le mosebetsi ka Domestic partnerships e reretsweng ho hlalosa manyalo ao e seng a molao le ka moo a amanang le molao ka teng.
Sethepu
Ere ka ha Molao wa kananelo ya manyalo a setso o ananela sethepu ka ho totobala, ho a hlokahala hore Molao wa tlhahlamano maruong a mofu o etswe hore o dumelle bojalefa ba basadi ba mofu ba babedi kapa ho feta. Mosadi ka mong o lokela ho dumellwa ho abelwa ka ho lekana le e mong kapa ba bang maruong a mofu.
Tokelo ya molekane wa lenyalo ntlong ya banyalani le dikahareng tsa yona.
Ntle le bojalefa bofe kapa bofe tlasa Molao wa tlhahlamano maruong a mofu, molekane wa lenyalo ya setseng o lokela ho fuwa tokelo ntlong ya banyalani le dikahareng tsa yona. Ho na le mabaka a mabedi a tshehetsang kgothalletso ena. La pele, Molao ona o ne o hopoletswe banyalani ba kopanetseng thepa moo ho itlhalosang hore molekane wa lenyalo ya setseng o ne a tla nka halofo ya maruo a kgobokantsweng lenyalong. Le ha ho le jwalo manyalong a setso banna e ba bona beng ba tsohle tse ruilweng mme ka hoo basadi ba sitwa ho fumana thepa yohle eo ba e bokelleditseng ka bobona. (Manyalo a setso a tla ba kopanelong ya thepa feela ha Molao wa Kananelo ya manyalo a setso o qala ho sebetsa). La bobedi, Molao wa tlhahlamano maruong a mofu o ka hloka hore maruo a mofu a arolwe dikotwana, mokgwa wa ho arolelana o hlokang hore ho be ho sebetsanwa le maruo a maholo, mme he o hloka boemo bo itseng ba borui. Maruo a manyenyane a hloka ho tlohelwa a le jwalo ho etsa hore phetisetso ya leruo ho e mong e hloke mathata. Sena se ntse se kgonahala Molaong ona ka molawana o reng balekane ba lenyalo ba tiisetswa bonyane tjhelete e kana ka R 125 000. Le ha ho le jwalo ho molekane wa lenyalo ya setseng ntho ya bohlokwahadi leruong la mofu ke ntlo ya banyalani le dikahare tsa yona. Ho qoba ho arola maruo ana molekane wa lenyalo o lokela ho ba le tokelo e tiisitsweng ya hore o tla fumana ntlo le dikahare tsa yona e le lefa le ha dintho tsena di ka feta R 125 000 ka boleng.
DINTLHA TSE SALLETSENG
Ebang bajalefa ba le banyenyane haholo ho ka nka boikarabelo bo tsamayang le boemo ba bona, ho lokela hore ho thonngwe mohlokomedi ho sebetsana le maruo a mofu. Molaong wa setso tlhokomelo ya maruo a mofu le bodisa ba mojalefa di ne di behwa matsohong a e moholo lapeng la habo mofu. Le ha makgotla a dinyewe ka kakaretso a dumellana le melao ya setso a ile a kena dipakeng ho tsamaisa ka molao ho theolwa ditulong ha bahlokomedi le ho dumella ho thibela bohlaswa tlhokomelong le tshebediso e fosahetseng ya matla le ho totobatsa hore ke mang ya ka etsang tsena. Hona jwale ho hlokahala hore ho etswe molao o tla tlosa kgethollo ya botona le botshehadi kgethong ya bahlokomedi le ho fana ka melawana e hlakileng ho feta mabapi le mesebetsi e tlamang mohlokomedi. Dintlha tsena di ka salwa morao hantle ho feta mosebetsing wa Khomishene ya molao e mabapi le Tsamaiso maruong a mofu (Administration of Deceased Estates).
Ha malapa a hlophisa lenyalo leo motho a kenelwang kapa a yang seyantlo ho lona hangata ho atisa ho etsahala hore mosadi a iphumane a tlameha ho dumela tlhophiso e jwalo le ha a sa e rate. Le ha Molao wa kananelo ya manyalo a setso o hlalosa tumello ya balekane ba lenyalo e le ka sehloohong ho tse hlokahalang manyalong ohle a setso, manyalo a kenelo le seyantlo a ka nna a se akarelletswe ke Molao ona, hobane ha se manyalo a matjha. Ha ho hlokahale hore ho etswe molao o motjha ho sirelletsa balekane manyalong a jwalo; hobane ho se ho ena le mohlala o supang hore ha ho lenyalo la qobello le tla ananelwa molaong.
DIWILI
Tshebediso ya motheo wa bolokolohi ba ho etsa wili molaong wa setso.
Molaong o akaretsang motho e mong le e mong o na le bolokolohi ba ho etsa wili. Batho bao ka tlwaelo ba tlangwang ke molao wa setso ba sebedisa seo ho qoba ditabatabelo tsa bajalefa ba bona. Le ha sena se ka bonahala se hloka bolekalekani, matla a ho etsa wili esale a le teng Afrika Borwa, mme ho a amoha batho ba tlasa molao wa setso ho ka bonahala e le kgethollo.
Tshireletso ya baotlwa ba ya etsang wili
Tlasa molao o akaretsang motho ya etsang wili a ke ke a tlosa boikarabelo ba ho hlokomela balekane ba lenyalo le bana ba lokelang ho hlokomelwa. Bana ba na le tokelo e thehilweng molaong o akaretsang ya ho hlokomelwa le balekane ba lenyalo ba siilweng ke mofu ba na le tokelo e jwalo ho ya ka Molao wa Tlhokomelo ya balekane ba siilweng (Molao wa 27 wa 1990). Molao ona o tla sebetsa ho balekane ba lenyalo manyalong a setso ha Molao wa Kananelo ya manyalo a setso o kena tshebetsong. Le ha ho le jwalo potso ke hore na tshireletso ya molao ya molekane ya siilweng le bana e atoloswe ho kenyelletsa le baotlwa ba itseng, ba kang batswadi le bana babo mofu ba neng ba ka labella tlhokomelo tlasa molao wa setso.
Thepa e ke keng ya fanwa ka wili
Karolwana ya 2310 le 2 ya Molao wa Tsamaiso ya batho ba batsho Molao wa 38 wa 1927 e thibela Maafrika ho sebedisa wili ho fana ka thepa e sa sutheng ya ntlo kapa mobu o lefellwang sethabathaba. Mokgwa o fetileng o lokela ho fetoha jwalo ka molao wa setso wa tatelano maruong a mofu mme e latelang e fetohe ho ya ka melao ya naha e entsweng ho itshetlehilwe ka molao wa setso. Dikarolwana tsena di lokela ho hlakolwa ka mabaka a mangata, haholoholo hobane ha di fihlele sepheopheo sa ho thibela bolokolohi ba ho etsa wili: ho sireletsa molekane wa lenyalo ya setseng hammoho le bana.
Thepa e ka fanwang ka wili
Le ha ho ya ka molao wa setso ho se motho ya nang le matla a thuo thepeng ya lelapa a le mong ekasitana le mobu temana ya 23 ya Molao wa Tsamaiso ya batho ba batsho e dumella ka ho otloloha diwili tse fanang ka mekga ena ya thepa bobedi. Temana ena e baka mathata a mangata a molao ao e seng a ka boomo, mme ka hona e lokela ho hlakolwa. Ka ha molaong o akaretsang ho na le kgonahalo ya ho siela motho e mong thepa ya hao, teko efe kapa efe ya ho laola mokgwa oo thepa ya lelapa e fanwang ka ona ka wili ha e hlokahale. Ho ka nkuwa hore ha baetsi ba diwili ba siela ba bang jwalo, ba lakatsa ho fana ka karolo ya bona feela leruong leo. Mobu o ruilweng ho ya ka molao wa setso ke taba e nngwe, ka ha thuo ya mobu ya setso e fa malapa, marena le setjhaba ka kakaretso tokelo mobung oo. Maemong ana baetsi ba diwili ba lokela ho ba le bolokolohi ba ho fana ka ditokelo tsa bona.
Ditemana tsa bohlokomedi
Ho ya ka moo molao wa setso o shebang ka teng, ebang ntate kapa mme a nehelana ka bohlokomedi ba ngwana ya tlase dilemong ka wili, temana ena e ke ke ya sebetsa, hobane hantlentle motho ya etsang wili o ne a se na matla a ho nehelana ka bohlokomedi. Le ha ho le jwalo ho hlokahala hore ho etswe molao ho rarolla bothata bona hobane Molao wa Bohlokomedi ( Molao wa 192 wa 1993) o hlalosa hore balekane ba lenyalo ka bobedi ba na le tokelo le matla hodima bana ba tlase dilemong, mme pelaelo efe kapa efe mabapi le tokelo ya mme ya bohlokomedi e arajwa ke thibelo ya kgethollo ya botona kapa botshehadi e temaneng ya 9 ya Molaotheo.
B. MEMO YA HO HLAHISA MAIKUTLO
Ho matlafatsa setshwantsho sena sa molao se sisinngwang Khomishene e kopa maikutlo mabapi le dipotso tse latelang, tseo boholo ba tsona bo hlahileng dipuisanong le Tlung ya baetapele ba setso ha ho arabelwa pampiri ya sethatho ya ditaba le nakong ya dipuisano palamenteng.
Tshireletso ya baotlwa ba motho ya etsang wili
Tlasa molao o akaretsang motho ya etsang wili a ke ke a tlosa boikarabelo ba ho hlokomela balekane ba lenyalo le bana ba lokelang ho hlokomelwa. Bana ba na le tokelo e thehilweng molaong o akaretsang ya ho hlokomelwa le balekane ba lenyalo ba siilweng ke mofu ba na le tokelo e jwalo ho ya ka Molao wa Tlhokomelo ya balekane ba siilweng (Molao wa 27 wa 1990). Molao ona o tla sebetsa ho balekane ba lenyalo manyalong a setso ha Molao wa Kananelo ya manyalo a setso o kena tshebetsong. Le ha ho le jwalo potso ke hore na tshireletso ya molao ya molekane ya siilweng le bana e atoloswe ho kenyelletsa le baotlwa ba itseng, ba kang batswadi le bana babo mofu ba neng ba ka labella tlhokomelo tlasa molao wa setso.
Wili ya molomo
Ka nako e nngwe hlooho ya lelapa, ha e sa phela, e ka hlahisa takatso ya yona mabapi le ho ajwa ha dikarolo tse itseng tsa thepa ka mora lefu la hae. Ketso ena ya ho ?tshwaela? e ananelwa mekgweng e mengata ya molao wa setso. Bitsong la ho nnetefatsa ditaba ho kgothalleditswe hore ditaelo tsa molomo di ngolwe fatshe le ho saenelwa mme rekoto e bolokwe ke Morena, ha dikopi di fuwa lelapa. Na ho a hlokahala hore molawana oo o kenyelletswe dibukeng tsa molao?
Ho kgeloha tatelano ya tlhahlamano: Ho amoha bojalefa le ho aba thepa.
Molao wa setso o ne o se na mokgwa-tsamaiso wa tlhahlamano ya bojalefa, empa o ne o dumella majalefa ho amohuwa bojalefa le hore thepa e abelwe ditho tse ding tsa lelapa. Lekgotla la lelapa le ne le lokela ho dumellana le ditlhahiso tse etswang ka molomo tseo hantlentle di neng di etsahala ka mora lefu la hlooho ya lelapa.
Hantlentle diwili di kgonahala feela ho ba kgonang ho lefella ditshebeletso tsa molao tsa profeshenale ha tsela e bonojwana ya setso e sebeletsa ditlhoko tsa sehlopha se seholwanyane sa batho.
Na ho a hlokahala hore tsamaiso ee ya setso e tshwanang le diwili tse ikgethang tse neng di le teng molaong wa Roman-Dutch di kenyelletswe Molaong wa diwili (Molao wa 7 wa 1953)? Ho seng jwalo na ho a hlokahala hore tsamaiso ya setso e laolwe ka molao ka (mohlala) ho dumella bajalefa ba amohilweng bojalefa ho beha ditaba tsa ona ka pela lekgotla la lelapa le/kapa ho ipiletsa ba hanana le qeto ya lekgotla leo?
Tokelo ya ho etsa qeto ka lepato kapa phupu
Bobedi molao wa setso le o akaretsang e dumella mojalefa ho etsa qeto ka mokgwa le sebaka sa lepato la mofu. Ho qoholla mojalefa ho hloka hore ho shejwe hore na ho sebediswa molao o akaretsang kapa wa setso na ho mofu, phuputso eo le yona e hlokang hore ho tsejwe tshekamelo ya hae ya moetlo. Makgotla a qobile taba ena ka ho shebana le mofuta wa lenyalo wa mofu: ebang a nyetswe sekgowa kapa sekreste mohlolohadi o na le matla a ho etsa qeto ka lepato, mme ebang a nyetse ka molao wa setso, mora e moholo wa mofu o na le matla. Kgang e hananang le sena e re ha feela bohadi bo ntshitswe qeto ke ya mojalefa kapa e moholo lelapeng ho sa shejwe mofuta wa lenyalo. Le ha mohlomong ho etsa molao mabapi le sena ho sa hlokahale, maikutlo mabapi le taba ena a ka thabelwa.
Makgotla a marena le tlhahlamano
Makgotla a marena a lokela ho ba le matla a makae ditabeng tsa tlhahlamano e laolwang ke molao wa setso, mme makgotla aa a lokela ho ba le kamano efe le kantoro ya Mookamedi?
Tlhophiso ya metheo ya molao wa setso
Na ho na le metheo e meng ya mantlha ya molao wa setso e lokelang ho kenyelletswa dibukeng tsa molao?
